
Banyana Banyana ba hlolwa papading ya bona ya pulamadiboho
Sehlopha sa naha sa Banyana Banyana se qadile leeto la bona la WAFCON ka leoto le sele.
Sena ka mora hore sehlopha se hlolwe ke Tanzania ka 2 – 1 bosiu ba mantaha ka nako ya Afrika Borwa.
Sehlopha se hlajowe ntlha pele empa sa kgutla le ho lekanya pele papadi e leba kgefutsong ka Bambanani Mbane.
Tanzania e tswetse pele ho kgenya Afrika Borwa tlasa kgatello le ho botsa dipotso ho fihlela ba fumana ntlha metsotsong ya ho qetela ya papadi.
Tlholo ena e kenya Afrika Borwa tlase kgatello e makatsang jwalo ka ha ba tlameha ho hapa dipapadi tse pedi tse setseng ho ba monyetleng wa ho fetela mokgahlelong o latelang le ho dula monyetleng wa ho fetela mohopeng wa lefatshe.
Dipapadi tse latelang tsa sehlopha ditlaba kgahlano le Ivory Coast ka labohlano la 31 Phupu mme ya ho qetela e be kgahlano le Burkina Faso ka la 04 Phato.
