Ditaba tsa moraoraoKrikete

Afrika Boroa e hlotswe papading ya makgaolakgang

Sehlopha sa naha papading ya krikete sa basadi, se hlotswe ke naha ya India papading ya makgaolakgang a mohope wa lefatshe wa papadi tsa letsatsi ka leng, (One Day International kapa ODI).

Afrika Boroa, e hlotswe ka mematho e 52 papading e kabeng e ba entse bompudi ba lefatshe lekgetlo la pele nalaneng ya krikete.

Di’Proteas dihapile lotho le ho kgetha ho akgela ha India e otla. Ba amohedi ba baeti, ba amohetse kgetho eo le ho sebedisa monyetla ho etsa mematho e 298 ho tswile dibapadi tse 7 (298/7).

Ayabonga Khaka, o ketotse dibapadi tse tharo ha Nonkululeko Mlaba, Nadine De Klerk le Chloe Tyron ba ketotse sebapadi ka seng motho ka mong.

Makenong a bona, Afrika Boroa e qadile papading e le tlasa kgatello le ho lahlehelwa ke dibapadi papadi e qeta ho qala.

Le ha hole jwalo, mokaptene wa sehlopha Laura Wolvaardt, e lwane ya kgumamela le ho thusa sehlopha hoba le botsitso ka hoetsa mematho e 101 pele a ketolwa.

Le ha Wolvaardt a tswile ho se ho tswile dibapadi tse tsheletseng, ho tswa ha hae ke hona ho kenyeditse naha metsi ka moedi.

Afrika Boroa e felletse memathong e 246 dibapadi ditswile kaofela mme leeto la bona la fela haufi haholo le ho phahamisa mohope.

Di’Proteas dihlolwa papadi ya boraro ya makgaolakgang ka tatellano makgetlo a mabedi a fitileng e bile mohopeng wa T20.

O ka bala tse ding tse amanang le krikete:

Quinton De Kock o sokola morethetho

Afrika Boroa e tla kena kgabong kgahlano le India