Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Orbit College e latola molaetsa wa kopo ya tshwarelo

Sehlopha sa papading ya bolo sa Orbit College se latotse molaetsa wa kopo ya tshwarelo ho sebapadi sa bona o ntse o mathata ho marangrang.

Ho latela lesedinyana la FARPOST, Orbit ka molomo wa setho sa tsamaiso sehlopheng (general manager) Kganakga Matome, e latotse le ho hlalosa ha e sa ngola molaetsa oo e bile e sa tsebe leqhephe la Facebook le o phatlaladitseng.

“Ha ho molaetsa e ntshitsweng ke sehlopheng,” ho realo Matome.

Orbit, e ile ya hlahela ditabeng ka mora hore mokwetlisi wa sehlopha Pogiso Makhoye a fane ka maikutlo puisanong ya hae le Andile Ncube, moo a hlalositseng ha seabo sa Saleng sehlopheng se sa tshwane le se lebelletsweng sehlopheng.

Molaetsa ona wa Makhoye, o ile wa kopana le maikutlo a fapaneng a balatedi. Makhoye o ne itse ha Saleng a le teng ka lebaleng dibapadi dipapadi ka monyebe papisong le ha e se karolo ya sehlopha.

Saleng ke sebapadi sa Orlando Pirates se ileng ho Orbit ka kadimo ka mora hore a se bapale ntho e ka etsang selemo sehlopha sa hae.

Orbit e se e lahlehetswe ke dibapadi tse nne ho tse hlano tseo ba seng ba dibapetse sehleng sena. Papadi e latelang ya sehlopha e tlaba kgahlano le Chippa United ka labobedi lebaleng la Sisa Dulashe.

BALA HAPE: mokwetlisi-makhoye-o-hlalosa-maemo-a-saleng-sehlopheng