
Cardoso o re batshehetsi ba bua haholo ntle le kutlwisiso e keneletseng
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha batshehetsi ba bua haholo ntle le kutlwisiso e keneletseng.
Mantswe a Cardoso a tla ka nako eo ba bang ba batshehetsi ba sehlopha ba qadileng ditshehollo tshebetsong ya hae.
Sundowns e hapile papadi kgahlano le TS Galaxy le ha e le hore sehlopha se tlile se lelekisa papadi.
Papading ya bobedi sehlopha se bapetse maleka a 1 – 1 le Kaizer Chiefs mme batshehetsi haba kgotsofalla tshebetso ya sehlopha.
Ha arabela ditshehollo, Cardoso o hlalositse ha dibapadi tse fapaneng dihlokile tshwaro e fapaneng ka mora sehla se fitileng le mohope wa lefatshe.
“Batshehetsi ba batla o kenye dibapadi tseo basa tsebeng hore dilemetse mme boholo ba nako ke batshehetsi basa lateleng sehlopha ka botlalo,” ho realo Cardoso.
“Batshehetsi ba bua haholo ntle le kutlwisiso e keneletseng. Ke nahana ho bohlokwa ho tshireletsa dibapadi ka tsela e nepahetseng. Sehlopha se karolong eo se ikahang ka yona.”
Sundowns e tla kena paladi ya boraro ya sehla kgahlano le Marumo Gallants e maqeba hosane ka laboraro pele ho papafi ya leoto la pele ya MTN8.
BALA: Mokwetlisi wa Gallants o kopa tshwarelo ka mora tahlehelo
