
Afrika Boroa e phonyoha ka soba la nale
Sehlopha sa basadi papading ya krikete se hlotse naha ya Bangladesh ka wicket tse tharo ho setse dibolo tse tharo fela.
Di’Proteas dihapile papadi e neng e bonahana e le tshopodi ka mora hore Bangladesh e etse mokolokotwane wa mematho e 232 ho tswile dibapadi tse 6 (232/6).
Afrika Boroa, e qadile e le tlasa kgatello ka mora ho lahlehelwa ke dipapadi tse hlano ka nako e kgutshwane empa Marizanne Kapp (56) le Chloe Tyron (62) ba e hlanaka sesadi ho kgutlisetsa Afrika Boroa papadi.
Nadine De Klerk jwalo ka papadi e fitileng, o kene kgomo e se wetse mme a sebetsa ka bokgabane jwalo ka tlwaelo.
De Klerk (37*) o qetile papadi le Masabata Klaas (10*) bale kgabong mme ba lelekisa mokolokotwane wa Bangladesh le ho hlolela Afrika Boroa papadi hosetse dibapadi (238/7) tse tharo (three wickets win).
Chloe Tyron, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora mematho ya hae e 62 e thusitseng Afrika Boroa ho kgutlela papading.
Tlholo ena, ke ya Afrika Boroa ya Boraro ka tatellano mohopeng wa lefatshe ka mora ho hlolwa papading ya pula madiboho.
Ha jwale Afrika Boroa e dutse boemong ba boraro ka ntlha tse tsheletseng mme ho setse dipapadi tse tharo pele ho papadi tsa mantshano.
Papadi ya bona e latelang e tlaba kgahlano le sehlopha sa Sri Lanka ka la 17 Mphalane. Papadi eo etla bapala ka 11:30 ka nako ya Afrika Boroa.
BALA HAPE: Afrika Boroa e lelekisa le ho hlola papadi
