Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Hunt o hlalositse qeto ya ho tekena Koapeng

Mokwetlisi wa sehlopha sa Durban City Gavin Hunt, o hlalositse qeto ya hae ya ho tekena Letsie Koapeng ya mohapetseng papadi kgahlano le Siwelele.

Hunt, o hlalositse ha a ne a batla mohlabadintlha wa sebopeho sa Bradley Grobler mme a tekena Koapeng.

“Kgale ke tjo hore ebang re ne re na le Grobler, kabe re hapile dipapadi tse leshongwana. O hloka sebapadi sa mofuta o jwalo,” ho hlalosa Hunt.

Hunt o hlalositse a tseba Koapeng ho tloha bonyane mme a tsibile hore ke mofuta wa sebapadi seo a sehlokang.

“Kgale ke tseba bokgoni ba hae mme ke seo re se hlokang. Re hloka bolo e ye hodimo le hore dule dibakeng tse nepahetseng mme o tseba ho etsa seo.”

Mokwetlisi enwa wa mehleng wa Supersport United, o nnetefaditse ha sehlopha sa hae se ne se batla Tashreeq Morris wa Kaizer Chiefs empa Chiefs ya ipala dipha.

“Ke nnete, kgahleho e ne e le teng empa Chiefs e bapetse seqathamajwana. Re nkile Koapeng hobane o ne a fumaneha.”

Hunt le sehlopha batla kena tekong e matla ka moqebelo haba kopana le basireletsi ba sekola Mamelodi Sundowns.

Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Lucas Masterpieces Moripe ka hora ya borobedi (20:00) bosiu.

BALA HAPE: Letsie Koapeng o thusa Durban City ho hapa papadi