
Bafana Bafana ba hlaelwa ke mathata pele ho papadi
Sehlopha sa naha sa papadi ya bolo Bafana Bafana, ha hlaelwa ke mathata dihora pele ho papadi e mahlonoko kgahlano le naha ya Rwanda.
Mokgatlo o tsamaisang bolo wa SAFA, o netefaditse ha Bafana Bafana batla bapala ntle le sebapadi sa bona se hlabang dintlha Lyle Foster.
SAFA, e hlalositse ha Foster a fumane kotsi mme ho bitsitswe mohlaba dintlha wa Stellenbosch FC Ashley Cupido ho kwala sekgeo sa hae.
“Lyle Foster o hutswe sehlopha setla bapala ka lebaka la kotsi,” ho realo SAFA.
“Ka mora ho buisana le dingaka tsa sehlopha, qeto e nkuwe ya ho hula Foster le ho bitsetsa Cupido sehlopheng ho kwala sekgeo sa hae.”
Kotsi ya Foster ke ya boraro sehlopheng mme ke ya bobedi moo mohlabadintlha a hulang ka mora hore Iqraam Rayners a hulwe pejana le ho etsa sebaka bakeng sa Evidence Makgopa.
Cupido, ke sebapadi sa bobedi sa Stellenbosch se bitsetsa sehlopheng sa naha ka mora hore Thabo Moloisane a bitsetswe ho kwala sekgeo sa Mbekezeli Mbokazi ya fumaneng karete e kgubedu papading e fitileng.
Bafana Bafana batla kena papading e mahlonoko eo ba lokelang ho e hapa e bang ba na le toro ya ho leba mohopeng wa lefatshe selemo setlang.
Papadi ena, e kgahlano le naha ya Rwanda mme e tla bapala ka hora ya botshelela bosiu (18:00) lebaleng la Mbombela, Mpumalanga.
BALA HAPE: Hugo Broos o re ho kgojwe matshwafo
