
Letona McKenzie le lokollela SAFA matlole a VAR
Letona la dipapadi Gayton McKenzie, o netefaditse ha lefapha la hae le ntshitse tjhelete bakeng sa Video Assistant Referee (VAR) ho kenywa tshebetsong.
McKenzie, o buile ka makgetlo nako e fitileng hore mekutu e ntse e etswa ho etsa bonnete ba hore papadi ya bolo e fumana tshebediso ya VAR ho hlaola tse ding tsa diphoso tsa baletsapha le ho kgema le dinako.
“Re file SAFA tjhelete bakeng sa VAR. SAFA e tshwanetse ho e kenya tshebetsong. Nna ke se ke entse karolo ya ka, ke phethile tshepiso ya ka,” ho realo McKenzie.
McKenzie o hlalositse ha lefapha la hae le entse le ho bapala karolo ya lona mme ho le ho SAFA ho phethela mosebetsing wa ho kenya VAR tshebetsong.
“Bona ke bopaki ba tefo. Re fanne ka tjhelete bakeng sa VAR, re boetse re file le ditsibi. Nna nke ke ka kenya VAR tshebetsong, SAFA ke yona e tshwanetseng ho e kenya tshebetsong ho PSL.”
Le ha letona le ntshitse ditjhelete, ha ho bonahale VAR e tlaba teng dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang (semifinals) tsa mohope wa Nedbank Cup.
Pejana ho ile hwa leptjha ha tshebediso ya VAR, e tla ba teng dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang tsa Nedbank empa ha jwale ho sa thotse ka tseo.
Tebello ke ho bona hore SAFA le PSL ditla dulela tshebediso ya VAR majwana neng ho ntsha lehlakore la bona le ho hlalosa hore e tla kena neng tshebetsong.
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Chiefs o re ke setsokotsane setla feta
