
India e aha serobe phiri e jele ka ho hapa papadi ya pele
Naha e etetseng Afrika Boroa ya India papading ya krikete lehlakoreng la basadi, e hapile papadi ya bona ya pele dipapading tse hlano tsa letoto la T20.
India, e hlotse Afrika Boroa ka mematho e 14 ho latswa tlholo papading ya bone ya tse hlano le ha Afrika Boroa e se e hapile letoto.
Di’Proteas dihapile lotho mme ba kgetha ho akgela pele ha India e qala ka ho otla.
Dibapadi tse akgelang tsa Afrika Boroa, diatlehile fela ho ketola dibapadi tse hla tsa India moo Eliz-Mari Marx (2) le Kayla Reyneke (2) ba ketotseng dibapadi tse pedi sebapadi ka seng, ha Tumi Sekhukhune a ketotseng sebapadi se le seng.
India, e qetile papadi e dutse memathong e e 185 ho tswile dibapadi tse 5 (185/5) mme Afrika Boroa ya leka ho lelekisa le ho fella memathong e 171 ho tswile dibapadi tse robong (171).
Ho ketolwa ha Laura Wolvaardt (18) papadi e qeta ho qala, ho hlokisitse Afrika Boroa botsitso moo dibapalang tse ding le tsona ditswileng ka mematho e tlase.
Le ha hole jwalo, Sune Luus (40) le Tazmin Brits (30) ba lekile ho lwana empa India e ne e batla tlholo eo baka e beha tafoleng ha ba fihla lapeng.
Dihlopha ditla kopana papading ya ho qetela ya bohlano ka mantaha motsheare. Papadi eo e tla bapala toropong ya Benoni mme e tla thakgoha ka 14:00 motsheare.
BALA HAPE: Afrika Boroa e hlola India letotong la T20 ho setse dipapadi tse pedi
