
Siwelele se kena selekaneng le Lesedi FM
Sehlopha sa Siwelele FC se kena ditumelanong le seyalemoya se seholo sa sesotho Lesedi FM ka maikemisetso a ho hodisa sehlopha le ho fihlela batshehetse ba sehlopha ka diphatlalatso le diketsahalo tsa moraorao sehlopheng.
Lengolong le ngotsweng ke sehlopha, tumellano ena e hlalositsweng jwalong ka ‘Strategic Broadcast Partnership’ le Lesedi FM le mamelwang ke batho ba fetang 3,5 million, e tla matha le sehleng setlang sa dipapadi moo sehlopha setla utlwahala kgafetsa seyalemong.
CEO ya sehlopha erato Kholoanyane, o hlalositse ha selekane sena setla tswalla batshehetse ba sehlopha le bamamedi ba Lesedi kgomo ntlhe ya tsa moraorao le ho busetsang setjhabeng.
“Batshehetsi ba rona le bamamedi ba Lesedi batla kgola molemo o moholo ho tswa selekaneng sena moo batla utlwa tsa moraorao, ditlhodisano tsa ditekete tsa dipapadi,thekiso ya diaparo tsa sehlopha le tse ding tse ikgethang,” ho realo Kholoanyane.
Le ha sehlopha seso dule Bloemfotein ka kotloloho, maikemisetso a sehlopha ke ho tloha Gauteng le ho etsetsa dintho ka hara profense ya Free State jwalo ka ha tshepiso e bile teng ho batshehetse ka nako eo botsamaisi bo neng bo reka boemong le sehlopha sa Supersport United.
BALA HAPE: Queiroz o hlola Mosimane lebelong la ho kwetlisa Ghana
