Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Bafana Bafana ba feta mohwalotso papading ya setswalle

Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana, se hlotse naha ha Zambia ka 3 – 1 papading ya setswalle e bapalletseng lebaleng la Nelson Mandela Bay.

Afrika Boroa e ne e amohetse Zambia papading ya setswalle eo sebapadi Teboho Mokoena a neng a etsa papadi ya 50 ka hara mebala ya sehlopha sa naha.

Le ha e ne e papadi ya setswalle, mokwetlisi Hugo Broos o bonahetse a momme o ka fatshe ka ha a qadile papadi ka dibapadi tseo a ditshepang ho tseo a neng a dibitsitse.

Papa e lebile kgefutsong hose nko hotswa lemile le ha menyetla e bile teng dihlopha bobedi le ha Afrika Boroa e bile le e mengata ho feta Zambia.

Karolong ya bobedi Afrika Boroa e kgutlile ka diphetoho tse nne tse akgang sethibathibane Sipho Chaine ya kenetseng Ronwen Williams.

Ntlha ya pele e kene ka Oswin Appollis ha ya bobedi e kene ka Mohau Nkota ya keneng a tswa bakeng.

Bobedi dintlha tsena e bile bolo tse tswang leotong la Sipho Mbule ya boneng Appollis le Nkota ka ho fapana.

Ntlha ya boraro e kene ka Sphephelo Sithole e le ntlha ya hae ya pele sehlopheng sa naha e bile e le huku hofa Afrika Boroa ketapele ya ntlha tse tharo.

Zambia, e fumane ntlha ya phumula keledi metsotswaneng ya nako ya moletsaphala hoba le seo baka tshwaelang ka sona.

Mbule ya thuseditseng ntlheng tse pedi, e bile yena sebapadi sa letsatsi jwalo ka ha a ntse a tswelapele ho iketsetsa lebitso ka sehlopheng sa naha.

BALA HAPE: Khumalo o ntsha maikutlo ka Petersen le Bafana Bafana