
Appollis o bua ka tshusumetso ya Mbule ho tekenweng ha hae
Setlabotjha sehlopheng sa Orlando Pirates Oswin Appollis, o buile ka seabo sa sebapadi mmoho le yena qetong ya Pirates ya ho motekena.
Pirates, e tekenne Appollis mathwasong a sehla se hodimo mme sebapadi sena se hlalosa sa Sipho Mbule, a bile le seabo qetong eo.
“Ho etsahetseng hore o buile ka nna ho modulasetulo wa sehlopha,” ho realo Appollis.
Mbule eo le yena a fihlang ho Pirates, o bapetse le Appollis ntshetso peleng ya Supersport United, pele Appollis a leba dihlopheng tse ding ho lo batla makgulo a matala.
“Re bile ho Supersport kaofela mme ra tsebana teng. Le ha ke lebile ho Polokwane City, o ne a dula a nhlwela hore ke ntse kele hantle.”
Dibapadi tsena ka bobedi ke tse ding tsa dibapadi tse bapalang papadi e tswileng matsoho ka mora ho fihla ho Pirates mme bobedi ba bona ke karolo ya sehlopha sa naha setla leba mohopeng wa AFCON.
Bobedi bona bose bohapile mohope wa MTN8 le sehlopha, ba thusitse sehlopha ho dula ka hodimo tafoleng ya dihlopha tsa Betway Premiership mme ka moqebelo ba bapala makgaolakgang a mang hape.
Pirates, e tla thulana le Marumo Gallants mohopeng wa Carling Knockout lebaleng la New Peter Mokaba ha ba tlabe ba batla ho ngola nalane.
Papadi ena eo ditekete tsa yona direkilweng kaofela dihora ka mora ho bulelwa, e tla thakgoha ka hora ya botshelela thapama (18:00).
