Bolo ya maotoDipapadi tse ding

Le ha a hlotse Lupopo Rulani Mokwena ha thaba

Mokwetlisi wa sehlopha sa MC Alger ya Algeria Rulani Mokwena, o hlalositse ha a sa kgotsofala ke ho holanya maoto ha sehlopha ka ho tekena dibapadi ho matlafatsa sehlopha.

Mokwena o buile sena ka mora papadi ya bona le sehlopha sa St Eloi Lupopo. Alger e hlotse Lupopo ka 2 – 0 ho kgutlela palong ya dihlopha tse ka fetelang pele.

Le ha e ntse e sebetsa hantle leking (domestic league), Alger e ntse e sa bapale hantle dipapading tsa kontinente moo ba kgonne fela ho hapa papadi e le nngwe dipapading tse nne mme bana le dintlha tse 4 ka selataneng.

Alger e tekenne sebapadi sele seng fela ka nako ya thekiso ya dibapadi (Chahreddine Boukholda ho tswa MC Oran) le ha Mokwena a ne a bontshitse kgahleho dibapading tse malwa ho akga Relebohile Mofokeng wa Orlando Pirates le Bouna Amar ya bapallang Al Ittihad ya Libya.

“Jwalo ka mokwetlisi ke lokela ho sebedisa seo kenang le sona hobane qetellong ketla ahlolwa ka ditlamorao ke ka hoo ke lokelang ho phela le h nka maikarabelo,” ho realo Mokwena.  

“Taba ya hore hara tekena dibapadi jwalo ka hana jwale, ha e hlalose letho. Kena le tshepo e tletseng sehlopheng mme ke dumela retla lwana ho fihla pheletsong.”

Mantswe a Mokwena a tla ka nako eo batshehetse ba bang ba Mamelodi Sundowns ba bitsang lebitso la hae jwalo ka mokwetlisi ya lokelang ho nka marapo a tshebetso sehlopheng sa bona jwalo ka ha basa thabela tshebetso ya Miguel Cardoso.

Mokwena o tobane le teko e matla ya ho hlola Sundowns le Al Hilal tse eteletseng sehlotshwana sa bona pele.

BALA HAPE: Sundowns Chiefs le Stellenbosch ditlasa kgatello dipapading tsa kontinente