
FIFA e dumella dihlopha ho hana ka dibapadi pele ho AFCON
Mokgatlo o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA, o dumelletse dihlopha ho hana ka dibapadi ho leba dinaheng tsa bona pele ho ho la 15 Tshitwe bakeng sa mohope wa AFCON.
Pejana, tumellano e ne e le hore dihlopha dilokolle dibapadi kala 7 Tshitwe hore ba fumane nako e lekaneng ya ho ikwetlisa le dinaha tsa bona bakeng sa dipapadi tsa AFCON 2025.
FIFA, e hlanohetse qeto ena mme e re dihlopha dika dumella dibapadi ho leba dinaheng tsa bona nako e nngwe le e nngwe ho fihla ka la 15 Tshitwe.
Qeto ena, e hlalosa hore e bang boholo ba dihlopha tsa mose ho mawatle dika hanela dibapadi ho tsamaya pele ho nako, boholo ba dibapadi ditla fumana nako e nyane ya ho itukisetsa mohope wa AFCON.
Dinaha tse jwalo ka Nigeria, Senegal, Ivory Coast le tse ding, ke tsona tse nang le dibapadi tse ngata tse bapalang mose mme sena setla ama bona haholo.
AFCON, ha e wele tlasa dinako tsa FIFA mme selemo le selemo ha e bapala, e dula e baka kgohlang ka lebaka la hore dihlopha dihana ho lokolla dibala.
Mohope ona wa kontinente ya Afrika, I bapala ka mora dilemo tse pedi mme lekgetlong la ho qetela o ne o tshwaretswe Ivory Coast mme wa haptjwa ke yona Ivory Coast.
Selemong sena naha ya Morocco eo e leng bona dithatohatsi ka mora ho bapala papadi e tlang pele ho makgaolakgang mohopeng wa lefatshe, ke bona batla amohela baeti ba 24.
Dibapadi ditla qala ka la 21 Tshitwe mme difihle pheletsong ka la 18 Pherekgong. Papadi ya pele e tlaba dibapadi tsa Morroco le Comoros motsemoholo Rabat.
BALA HAPE: Broos o tsibisa masole a tla emela naha mohopeng wa AFCON
