
Appollis o tla arolela Mbokazi kgau ya hae
Sebapadi sa Orlando Pirates se hlaselang Oswin Appollis, o hlalositse ha a tla arolelana kgau ya hae le Mbekezeli Mbokazi.
Appollis eo e bileng yena sebapadi sa letsatsi ha Pirates e hlola Siwelele, o hlalositse ha Mbokazi a ne a lokelwa ke hoba sebapadi sa letsatsi ka lebaka la mmapalo wa hae.
Pirates, e hlotse Siwelele ka ntlha e le nngwe ho noto ho fetela pele dipapading tsa Carling Knockout.
Mbokazi ke yena a hlabetseng Pirates ntlha ya tlholo a le hole le dipalo ka mora ho bone hore sethibathibane sa Siwelele se tswile mekwallong.
Appollis o ha Mbokazi a bapetse ka bokgabale le ho hlaba ntlha e ntlhe mme ane a lokelwa ke hoba sebapadi sa letsatsi.
“E bile ntlha e ntle ka Mbokazi. Ho bua nnete o ne a lokelwa ke tjhelete ena ho feta hobane o lwanne ka tsohle,” ho realo Appollis.
Ka nako eo a amohelang kgau ya hae e leng moputso wa R100 000, Appollis o hlalositse ha a tla arolelana tjhelete eo le Mbokazi.
“Ke lokela ho arolelana le yena mmoputso wa ka, o hlabile ntlha e ntle bo makatsang. Ketlo arolelana le yena.”
Pirates e se e bapetse le ho hapa dipapadi tse robedi ka tatellano mme dipapading tseo, ha ya hlajwa ntlha le ha e le nngwe.
BALA HAPE: Orlando Pirates e phetha Siwelele
