Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns o ingolla nalane ya hae

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o tswelapele ho ingolla nalane ya hae a le mong ka hara Afrika Boroa.

Sena ka mora hore sehlopha se hapa papadi kgahlano le Durban City ka 1 – 0 bosiu ba labobedi.

Ntlha ya Sundowns, e kene karolong ya pele ya papadi e bile e le ntlha ya pele ya Tsiki Ntsabeleng ya ntseng a tswelapele ho itshupa ka mora ho fumana monyetla.

Tlholo ena, ke ya Sundowns ya 10 ka tatellano ho Betway Premiership. Cardoso o haufi haholo le nalane e beuweng ke Rulani Mokwena ya ho hapa dipapadi tse 12 ka tatellano ka selemo sa 2022/2023 sa dipapadi.

Cardoso o etelelletse Sundowns pele dipapading tse 44 tsa leki (league):

Dipalopalo tsa Cardoso ho Betway Premiership:
League Matches: 44
Goals Conceded: 22
Goals Scored: 91
Defeats: 3
Draws: 6
Wins: 35
Points: 111 out of a possible 132
Points Per Match: 2.52

Sundowns e tla tswa e sa dutse ka hodimo tafoleng ya dihlopha ka dipapadi tse 23.

Sehlopha se bokeleditse dintlha tse 56 mme ba siya Orlando Pirates e bobeding ka dintlha tse pedi (2 Points difference).

Sundowns e tla fetola mawa e le haba tsepamisa maikutlo dipapading tsa kontinente kgahlano le Esperance de Tunis.

Sehlopha setla kena leetong bakeng sa papadi ya leoto la pele kgahlano le sehlopha sa Cardoso sa mehleng.

Papadi ena e tla bapala ka sontaha sala 12 Mmesa ka 21:00 ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA HAPE: Mohau Nkota o kwatisa batshehetsi ba Orlando Pirates