
Chiefs e fetola letsatsi le sebaka sa papadi kgahlano le Zamalek
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se netefaditse ho fetolwa ha letsatsi le lebala bakeng sa papadi ya bona le sehlopha sa Egypt sa Zamalek.
Chiefs e nkile qeto ya ho lebisa papadi ya bona ya pele ya CAF profenseng ya Limpopo lebaleng la New Peter Mokaba le ho e tlosa Gauteng jwalo ka pejana.
Letsatsi la papadi ena, le lona le fetotswe ka mora hore sehlopha sa Zamalek se etse kopo hore papadi ena e tjhetjhiswe ka lebaka la ho nka karolo dipapading tsa Asian Cup.
Chiefs, e tla kena leetong ho leba Egypt bakeng sa papadi kgahlano le Al Masry ka la 23 Pudungwane ka mora moo,
Kala 29 Pudungwane sehlopha setla amohela Zamalek lebaleng la New Peter Mokaba e le papadi ya bobedi ya CAF Confederation Cup e bile e le ya pele ya Chiefs lapeng.
Papadi ena e ne le lokela ho bapala kala 30 empa kopo ya Zamalek e bile hore papadi e bapale kala 29 e leng la moqebelo.
Amakhosi le Zamalek, dina le nalane ya dilemo dipapading tsa kontinente mme ntwa ya bona ke engwe e tla tonelwa mahlo ke kontinente kaofela.
