Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Arthur Sales o batla ho hapa MTN8 ka tsohle tsa hae

Sebapadi sa Mamelodi Sundowns se bapalang tlhaselong Arthur Sales, o hlalositse ha a batla ho phahamisa mohope wa MTN8.

Sales o se a hapile sehla [league] le Champions League empa haso hape MTN8 le Sundowns.

Sebapadi sena, se hlalositse hase batla ho hapela mokwetlisi Miguel Cardoso mohope ona.

“Ha sehla se qala, mokwetlisi o itse o batla ho lwanela mohope ona,” ho realo Sales.

Sundowns e tla kena tekong e matla moo batla thulana le Orlando Pirates e tshireletsang mohope ona.

Selemong se fitileng Pirates e hlotse Sundowns papading e tlang pele ho makgaolakgang [semi-final] ya mohope ona pele ba o hapa mahlong a Stellenbosch.

Pirates e se e hapile mohope ona makgetlo a mane ka tatellano ha Sundowns e qetetse ho o phahamisa ka 2021 pele Sales e ba karolo ya sehlopha.

BALA: Keletso Makgalwa o hlalosa qeto ya ho leba Tanzania