
America e thibela moletsaphala wa Afrika ho leba mohopeng wa lefatshe
Moletsaphala wa selemo kontinenteng ya Afrika Omar Artan, a ke ke a finyella mohope o thakgohang ka labone wa lefatshe naheng ya Mexico, America le Canada ka kopanelo.
Sena ka mora hore Artan a hanelwe ho kena naheng ya America le ha a tshwere mangolo a dumela hore a ka kena ka hara naha.
Artan ya tswang naheng ya Somali, ke moletsaphala wa selemo kontinenteng ya Afrika mme o tsamaisitse makgaolakgang a CAF Champions League ka bokgabane.
BALA: Sundowns e fumana sebapadi seo e leng kgale ba se batla
Mokgatlo wa lefatshe wa bolo wa FIFA, o nnetefaditse ha Artan a ke ke a nka karolo mohopeng wa lefatshe le ha bona ba lekile tsohle mme qeto ya ho qetela e matsohong a mmuso wa US o laolang bofalli.
Ketsahalo ena e bontsha seo e sale sele melomong ya batho ka tsamaiso ya FIFA le tsela eo America e etsang dintho ka yona, haholo tshwaro ya batho ba Afrika.
Ho hloleha ho tsamaya ha Artan, ho theola palo ya baletsaphala ba emetseng Afrika mme e boetse e tlisa dipotso boikemelo ba FIFA tshireletsong ya batho ba yona kgahlano le diketsahalo tsa mefuta e fapaneng.
