
Christiansen: Afrika Boroa e tlaba le mohope o monate le hoba thata wa lefatshe
Mokwetlisi wa sehlopha se kgwatisitseng Afrika Boroa sa Panama, o aleditse le ho lepa ha Bafana Bafana ba kaba le mohope o monate empa o thata wa lefatshe.
Ha a bua ka mora papadi, Thomas Christiansen, o hlalositse ba bile le diapapdi tse pedi tse monate le Afrika Boroa tse bileng le seabo sa bohlokwa ho bona.
Re bile le dipapadi tse monate tse matla. Ha ke nahane re ba file menyetla e mengata mme le rona re bapetse hantle,” ho realo Christiansen.
Afrika Boroa e tla bapala e nngwe ya dipapadi tse matla ka ho fitisisa mohopeng wa lefatshe moo batla thulana le sehlopha se amohelang baeti sa Mexico papading ya pele.
Papading tse ding ke moo Bafana Bafana batla thulana le naha ya South Korea le Czechia e kgenotseng Denmark ho fumana sebaka mohopeng wa lefatshe.
Christiansen o hlalositse ha e tlaba dipapadi tse monate empa tse thata.
“Ba tlaba le dipapadi tse monate ho latela sehlopha seo ba nang le sona le mokwetlisi wa bona le ha bale ka hara sehlotshwana se matla.”
Papadi kgahlano le Mexico, e tlaba ho iphetha ha papadi e bileng keng ka 2010 ha Afrika Boroa e ne e le yona baamohedi ba baeti mme papadi eo e ile ya fela ka maleka a 1 – 1.
Sehlopha se setle ka monyetla o le mong wa ho itukisetsa dipapadi tsena tse tla thakgoha kala 11 Phupjane motsemoholo Mexico lebaleng la Azteco [Estadio Azteca].
BALA HAPE: Ntlha ya Mbokazi kgahlano le Panama e tswelapele ho dula melomong
