
Bafana Bafana ba qadile kampo le dibapadi dihaella
Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana se qadile kampong ya bona ya boitukisetso ba dipapadi tsa AFCON tse tla thakgoha dibekeng tse tlang naheng ya Morocco.
Afrika Boroa ke e nngwe ya dinaha tse mmalwa tseo boholo ba dibapadi tsa bona dibapadi ka hara naha mme sena se ba neha monyetla wa hi qala ka kampo.
Le ha hole jwalo dibapadi tse bapalang dinaheng tse kantle, ditla fihla morao ka lebaka la molawana wa FIFA wa hofa dihlopha tetla ya ho hana ka dibapadi ho fihlela 15 Tshitwe.
Tebello ke ho bona hore dibapadi tse jwalo ka Lyle Foster o tla fihla neng kampong ka ha sehlopha sa hae sa Burnley sena le papadi ka la 13 kgahlano le Fulham.
Sebapadi se seng seo mahla a tlaba ho sona ke Siyabonga Ngezana ya ditabeng ka mora ho hana ho kgutlela ka lebaleng ha sehlopha sa hae sa FCSB sene se bapale.
Tyron Smith ya bapallang sehlopha sa Queens Park, eo a qalang ho bitsetswa sehlopheng se seholo. O teng kampong ya naha mme o se a qadile boikwetlisong.
Maobane [mantaha] SAFA e tsibisitse ha e kgone ho fumanela sehlopha seo e tla bapala papadi ya setswalle le yona e le boitukisetso ba dipapadi tsena tsa AFCON.
SAFA lekgetlong lena e batlile naha ya Ghana eo e leng ya tse matla ka hara kontinente mme papadi ya bona e tla bapala ka la 16 Tshitwe.
