Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mkhalele o seholla qeto ya FIFA ntlheng ya AFCON

Motlatsa mokwetlisi wa Bafana Bafana Helman Mkhalele, o bitseditse ho se kgotsofalle qeto ya FIFA ya moraorao ho shebilwe AFCON.

FIFA e dumeletse dihlopha haholoholo tsa mose ho hana ka dibapadi pele ho AFCON le ho dilokolla matsatsi a tsheletseng pele ho dipapadi.

Qeto ena e fapana le ya pejana moo dibapadi dineng dilokolwa matsatsi a 14 pele dipapadi dithakgoha.

Puisanong le SABC Sport, Mkhalele o hlalositse ha qeto ena e hloka nnete e bile e na le tshekamelo.

“Ha o e sheba, o ka qala ho nahana hore FIFA ha e kgathalle papadi ya bolo Afrika jwalo ka papadi ya bolo Europe,” ho realo Mkhalele.

“Sena se etsa o qale ho inyatsa papitsong le papadi ya dinaheng tse ding lefatsheng,”

Mkhalele o hlalositse mokgatlo o tsamaisang bolo Afrika o lokela ho emela ntlha ena ka maoto.

“CAF e lokela ho shebisana le FIFA ka ntlha ena le nako eo mohopeng ona o bapalang ka ona. Dihlopha tsena ntse dihloka ho lo bapala mohope wa lefatshe.”

Mkhalele o dumela ha qeto tsa FIFA ditla ama boihlophiso ba dipapadi ka tsela tse fapaneng haholo dinaha tseo dibapadi tsa tsona dibapalang mose ho mawatle.

FIFA e dumeletse dihlopha ho lokolla dibapadi ka la 15 ha mohope wa AFCON o qala kala 21 Tshitwe. Sena se hlalosa hore dinaha tse ding ditlaba le matsatsi a tsheletseng fela a ho itukisetsa dipapadi tsena.

BALA HAPE: Siyabonga Ngezana o ditabeng ka ho hana ho bapala