
Sikhosana o dumela ha Mbokazi a ke ke a dula America
Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates Jerry Sikhosana, o dula ha Mbekezeli Mbokazi a ke ke a dula ho latela bokgoni ba hae.
Sikhosana o dumela ha ho leba ha Mbokazi America e le maqiti a ho mobulela mamati ho bapala dihlopha tse kgolo leking tse kgolo lefatsheng.
Mbokazi o satswa tekena le sehlopha sa Chicago Fire ya America, dikgwedi fela a nyolletswe sehlopheng se seholo sa Pirates.
Sikhosana eo e leng moemedi wa Hollywoodbets, o hlalositse ha ho bapala MSL hotla thusa Mbokazi le ho mofa boiphihlelo ba ho bapala le dibapadi tsenang le boiphihlelo tse tsebahanang lefatsheng.
“Tsela ya Mbokazi ya ho leba Europe ke ka ho qala MSL. Sena ke hobane o tla bapala le dibapadi tse nang le boiphihlelo ba ho bapala Europe,” ho realo Sikhosana.
“Sena setla mofa monyetla wa ho hola ka tsela e fapaneng le ha a ne a le kwano lapeng.”
Mbokazi o kene lenaneng la dibapadi tsa Afrika Boroa tse lebileng mafatsheng a kantle ho bontsha lefatshe bokgoni ba naha e tlase tlase ya Afrika.
Sebapadi sena seo boholo ba nako seneng se jara lebata la Orlando Pirates, ke sebapadi sa bobedi sa ntshetso pele ya Pirates ho leba mose ka mora Mohau Nkota ya lebileng Saudi Arabia sehlopheng sa Al Ettifaq.
Nkota o tla bapala le dibapadi tse jwalo ka Bongokuhle Hlongwane le Olwethu Makhanya. Dibapadi tsa matjhabatjhaba, TLS o tla bapala kgahlano le dibapadi tse jwalo ka Lionel Messi, Sergio Busquets, Luiz Suárez le ba bang.
