Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Tshabalala o leba Mexico ho bapala le dikgalala tsa mehleng

Sebapadi sa mehleng sa Kaizer Chiefs le Bafana Bafana Siphiwe Tshabalala, o tla kena leetong ho leba Mexico moo a tla nka karolo papading ya dibapadi tsa kgale.

Tshabalala, o bitseditswe sehlopheng sa dikgalala tse bapetseng kgale (legends) tsa lefatshe bakeng sa papadi e tla bapalla Monterrey, Mexico ka moqebelo wa la 17 Pherekgong.

Sebapadi sena sa mehleng sa Kaizer Chiefs, ke yena a ileng a hlaba ntlha ya pele ya Afrika Boroa ka nako eo mohope wa lefatshe o neng o qala hotla Afrika.

Papading eo, ke moo Afrika Boroa e neng e thulane le Mexico e bile e le papadi ya pula madiboho mme e ile ya fela ka 1 – 1.

Tshabalala, o tla ba le monyetla wa ho bapala le dibapadi tse bileng hlwahlwa lefatsheng ka nako ya bona tse jwalo ka Dida, Alessandro Del Piero, Wesley Sneijder, Sergio Busquets, Xavi, Cafu, Francesco Totti le Carles Puyol.

Sehlopha seo, setla kwetliswa ke sebapadi sa mehleng sa England Fabio Capello.

Papadi ena ke ya tse mmalwa tse tla latela tsa tlhekelo ya mohope wa lefatshe o tla tshwarwa ha mmamorao selemong sena.

Jwalo ka selemong sa 2010, Afrika Boroa e tla thulana le naha ya Mexico papading e bulang mme lekgetlong lena Mexico e tlaba yona baamohedi ba baeti le America le Canada ka kopanelo.

BALA HAPE: Magidigidi o fihlella tumellano le sehlopha sa Beerschot ya Belgium