
Beganovic o makatswa ke dipapadi tsa Mamelodi Sundowns
Mokwetlisi TS Galaxy Adnan Beganovic, o ntshitse maikutlo ka dipapadi tsa Mamelodi Sundowns tse ngata ka nako e kgutshwane.
Beganovic ya hlotse Sundowns le jo bantsha mohopeng wa Nedbank, o tshwaetse tabeng e makatsang ya hore Sundowns e se fumane monyetla wa ho phomola le ho fuwa nako ya ho itukisetsa dipapadi tsa kontinente.
“Re lokela ho bua nnete, Sundowns haeso fumane monyetla wa ho phomola dikgweding tse pedi tse fitileng. Ba bapala matsatsi a mang le a mang a mararo, ke qala ho bona ntho e tjena bophelong ba ka,” Adnan Beganovic.
“Ba bapala Champions League ka moqebelo, ka labobdi kapa laboraro ke dipapadi tsa Betway.”
Sundowns e tla nkana le Marumo Gallants thapameng ya labobedi pele ba kena leetong ho leba Mali.
Sehlopha se tlaba le matsatsi a mararo ho leba Mali le ho itukisetsa papadi ya leoto la bobedi kgahlano le Stade Malien.
Sundowns ke sona fela sehlopha kontinenteng se bapalang CAF Champions League setla bapala papadi ya selehae pele ba bapala leoto la bobedi.
Papadi ya mafelo a beke e tla bapala ka la 20 Hlakubele e leng ka moqebelo.
Masandawana a tla kena papading ena ka monyetla wa dintlha tse tharo tseo ba dihlabileng lapeng le hoba monyetleng wa ho fetela pele.
BALA HAPE: Mamelodi Sundowns e tla thulana le Gallants e qhiletsa
