Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Tsa moraorao ka Mokwena naheng ya Algeria

Mokwetlisi wa mehleng wa MC Alger Rulani Mokwena, o tobane le mathata ka nako eo a neng a le tseleng e tswang ka hara naha ya Algeria.

Mokwena ya qeteng ho arohana le Alger le ho etsa selekane le Al Ittihad, o ne a le morerong wa hotswaka hara Algeria mme o ne a tshwere tjhelete e ngata eo naha e batlang motho a hlalose e bang a rerile ho tswa ka yona.

Qeto ena ya Mokwena, e mobeile ka lehlakoreng le sele la molao moo a ileng a lokela ho hlahela ho hlahella ka pela lekgotla le fuwa kotlo ya ho lefa R50 000 le kahlolo ya dikgwedi tse pedi e fanyehilweng nakwana ka tumellano ya hore a ke ke a phetha molato oo.

Kganyetsong le diphatlalatsong tsa pejana tse lahlehisang, Mokwena ha tswarwa ho leba ntlwana tshwana empa o hlahile ka pela lekgotla le ho suptjwa ka monwana.

Tebello ke hore mokwetlisi enwa wa mehleng wa Wydad Casablanca le Mamelodi Sundowns, o tla tswa ka hara Algeria le ho leba Libya moo a tla qala ka tshebetso ya hae.

Mokwena o sentse a kgobokantse moifo wa bakwetlisi moo Sinethemba Badela Wendell Robinson e tlabang tse ding tsa ditho tse tla sebetsa le yena ho kwetlisa Thembinkosi Lorch le Stephen Aziz Ki.

BALA HAPE: Beganovic o makatswa ke dipapadi tsa Mamelodi Sundowns