Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Argentina e tla bapala makgaolakgang ha bedi ka tatellano

Naha e hapileng mohope wa lefatshe ka 2022 ya Argentina, e tlaba le monyetla wa ho leka ho tshireletsa mohope wa bona ka mora ho fetela ho makgaolakgang.

Argentina, e hlotse England ka 2 – 1 papading e tlang pele ho makgaolakgang ya bobedi bosiu ba laboraro ka nako ya Afrika Borwa.

England ke yona e fumane ntlha pele ka Morgan Rogers mme Argentina ya arabela ka Enzo Fernandez le Lautaro Martinez.

Ka bobedi dintlha tseo difitile leotong la Lionel Messi pele difihla ho bahlabadintlha ka ho fapana.

Argentina e fihla papading ya makgaolakgang lekgetlo la bobedi ka tatellano mme naha ya ho qetela ya ho bapala makgaolakgang a mohope wa lefatshe makgetlo a mabedi ka tatellano ke naha ya France ka 2018 le 2022.

Argentina, e tla thulana le Spain papadi ya makgaolakgang lekgetlo la pele nalaneng ya papadi ya bolo.

BALA: Sehlopha sa Czechia se mehlaleng ya sebapadi sa Mamelodi Sundowns