Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns e nyatsa boitshwaro ba batshehetsi ka mora papadi le Al Hilal

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns, se ntshitse molaetsa o nyatsang diketso tsa bowatla ka balatedi ho ditho tsa sehlopha.

Ka mora ho bapala maleka a 2 – 2 le Al Hilal ka labohlano, ba bang ba balatedi bane basa thabela tshebetso ya sehlopha mme ba bina hore Pitso Mosimane a kgutle.

Ketsahalo ena e tshwetse pele le kantle ho lebala moo ba bang ba batshehetsi baileng ba tshela motsamaisi wa sehlopha  (Technical Director) Flemming Berg ka metsi.

Sehlopha se nyatsitse ketso ena ya batshehetse le ho hlalosa ha se ke ke sa ananela ketso e fe kapa e mpe kana ditshoso tse lebiswang ho ditho tsa sehlopha.

“Sehlopha se nyatsa boitshwaro bo bobe ba balatedi ka mora ho sitisa ditho tsa botsamaisi ba sehlopha hotswa lebaleng ka mora papadi kgahlano le Al Hilal,” ho realo sehlopha.

“Sundowns e tshehetsa botshehetsi bo mahlahahlaha, ho nka karolo le ho etsa dintho ka hlompho.”

“Sehlopha se ke ke sa ananela ditshoso, maitshwaro a mabe le ho tshosetswa ke balatedi mme metjha e nepahetseng ya boitshwaro e tla latelwa ho sebetsana le diketso tsena.”

Qetellong ya molaetsa wa bona, sehlopha se hlalositse ha sele morerong le motjheng wa ho hapa sehla sa Betway Premiership le ho hapa CAF Champions League ka bobedi.

Kajeno [27 Pherekgong] sehlopha setla bapala le sehlopha sa Sekhukhune e le papadi ya Betway Premiership ka 19:30.

Labohlano [30 Pherekgong] sehlopha setla thulana le Al Hilal leotong la bobedi la CAF Champions League mme e tla bapalla ka ntle ho naha.

BALA HAPE: Ndhlovu o re tseko ya Chiefs ka mohlwa ya fokola