Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Bokamoso ba Mokwana ho Esperance bo dula qoleng ya kobo

Bokamoso ba sebapadi sa Afrika Boroa se bapalang ka lepheong se hlasela [winger] Elias Mokwana, bo dutse qoleng ya kobo jwalo ka ha sehlopha sa hae sa Esperance de Tunis.

Mokwana o na le tumellano e felang ka Phupjane 2027 le Esperance empa ho bonahala ha sehlopha se ikemiseditse ho mamela dihlopha tse kabang le kgahleho ya ho reka Mokwana.

Sebapadi sena se qetile sehla naheng ya Saudi Arabia sehlopheng sa Al-Hazem ka kadimo ya selemo.

Le ha hole jwalo, Hazem e bontshitse e sena kgahleho ya ho reka Mokwana ya bapetseng dipapadi tse 26 moo a hlabileng ntlha le ho thusetsa dintlheng tse tharo.

Stats at Al-Hazem:

26 Appearances

1 goal

3 assists

Mokwana ya lebileng Tunisia a tswa sehlopheng sa Sekhukhune o dutse sehla fela sehlopheng sa Esperance pele sehlopha se nka qeto ya ho kadimana ka yena.

Tebello ke ho bona hore Esperance e dibukeng tsa baetsadibe ya FIFA, e tla lokolla sebapadi sena kapa setla leka ho mosebedisa jwalo ka ha basa kgone ho tekena dibapadi.

BALA: Adams o bua ka papadi eo batla kena ho yona ntle le Mokoena