
Messi o tswelapele ho jara Argentina le ho roba direkoto
Sebapadi se tummeng lefatshe ka bophara sa Argentina Lionel Messi, o tswelapele ho ipabola ka makgabane mohopeng wa lefatshe o America.
Messi, o hlabile dintlha tse pedi ho thusa Argentina ho hlola Austria ka 2 – 0 papading ya bona ya bobedi ya dihlotshwana.
Sebapadi sena se bapalang hona America sehlopheng sa Inter Miami, ke sona se mathang pele ka dintlha tse hlano dipapading tse pedi tseo a seng a dibapetse.
Messi o robile rekoto ya lefatshe ya dintlha tse ngata ka ho fetisisa moo a dutseng dintlheng tse 18.
Argentina e seng e hapile dipapadi tse pedi, e tla fetela mokgahlelong o latelang moo Messi a ka fumanang monyetla o mong wa ho atolosa palo ya hae ya dintlha.
Sehlopha setla bapala papadi ya ho qetela kgahlano le Jordaan mesong ya Sontaha ka 04:00 ka nako ya Afrika Borwa.
BALA: Bokamoso ba Mokwana ho Esperance bo dula qoleng ya kobo
