Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cedric Kaze o arabile potso ya hotsa Nabi ka tlase

Motlatsa mokwetlisi e bile e le e mong wa bakwetlisi ba tshwereng mokobobo ho Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o arabile potso ya hotswa mokwetlisi Nabi ka tlase.

Dipuo dingata tsa hore bathusi ba Nabi ba motswile ka tlase mosebetsi wa bokwetlisi ba sehlopha sa Chiefs jwalo ka ha ho ile ha tlalehwa ha Nabi a tla tsamaya empa ho sa tsejwe ka bokamoso ba bathusi ba hae.

Kaze o arabile potso ena ka ho hlalosa ha a tsibile le ho sebetsa le Nabi nako e lelele mme bobedi ba tseba le ho utlwisisa maemo a bokwetlisi.

“Ke motsibile ka dilemo le ho sebetsa le yena. Re tseba maemo a mosebetsi wa bokwetlisi. Kajeno hayo empa kena le bonnete ba hore o motlotlo hore re ntshetsa mosebetsi pele moo a sileng teng,” ho realo Kaze.

BALA HAPE: Kaizer Chiefs e kanna ya arohana le mokwetlisi Nabi

Kaze ya sebeditseng le Nabi naheng ya Tanzania sehlopheng sa Yanga le ho hapa mehope, o hlalositse ha dihlopha difeta ditekong mme ba lokela ho tsitlala tsebetsong.

“Sehlopha se seng le se seng se feta maemong a thata mme re lokela ho bontsa botsibi (professionalism). Re kwano ho sebeletsa Kaizer Chiefs mme re lokela ho etsa seo.”

Letswallwa lena la Burundi le hlalositse ha tsohle tse etsahetseng dile ka morao mme ba lokela ho tatamalla pele. Chiefs e tla nkana le Kabuscorp leotong la bobedi la CAF Confederation Cup.

Kabuscorp e eteletse papadi pele ka ntlha ho noto. Papadi ena e tla thakgoha ka hora ya boraro [15:00] thapama lebaleng la FNB.

BALA HAPE: Chiefs e lahlehelwa hole le lapeng