Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Orlando Pirates e kgakgatha le ho tlontlollela TS Galaxy lapeng

Sehlopha se lelekisang ho hapa sehla sa Orlando Pirates, se kgakgathile le ho tlontlolla TS Galaxy ka pela batshehetsi ba bona lebaleng la Mbombela papading ya Betway Premiership.

Pirates, e hlotse Galaxy ka 6 – 0 moo Relebohile Mofokeng e bileng kgalala ya letsatsi ka ho hlaba dintlha tse tharo lekgetlo la pele bophelong ba hae.

“The Buccaners” ba bile le monyetla o moholo wa ho nka ketapele ya papadi ka mora hore Lentswe Motaung a bontshwe karete e kgubedi motsotsong wa bone wa papadi.

Mofokeng, o sebedisitse monyetla le ho hlaba ntlha hotswa phosong eo pele Tshepang Moremi a hlabela sehlopha ntlha ya bobedi.

Motsotso pele papadi e leba kgefutsong, Mlungisi Mbunjana o itlhabile ka lerumo le ho fa Pirates ketapele ya 3 – 0 pele ho kgefutlo.

Pirates, e kgutlile e ntse e baba le ho hlaba dintlha tse ding tse tharo ka Mofokeng le Kamohelo Sebelebele.

Tlholo ya Pirates e ba kgutlisetsa ka hodimo tafoleng ya Betway Premiership le ha ba feta Mamelodi Sundowns ka ntlha (1 point) le ha Sundowns e le morao ka papadi.

Mofokeng, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora dintlha tsa hae tse tharo le papadi e tswileng matsoho eo a ntseng a tswelapele ho e bontsha.

BALA HAPE: Sundowns e tla fetela mokgahlelong o latelang ka metopa