Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o hlalosa qeto ya ho siya a mang a mabitso sehlopheng

Mokwetlisi wa Bafana Banfana Hugo Broos, o ntshitse mabitso a dibapadi tse 23 tseo a tla bapala ka bona dipapadi tse pedi tsa setswalle tse hlokang setswalle.

Broos, o bitsitse Renaldo Leaner wa Sekhukhune United ho kena dieteng tsa Sipho Chaine wa Orlando Pirates e keng motsamao o neng o sa lebellwa.

Ha a hlalosa qeto ena, Broos o hlalositse ha e se hobane Chaine a sa sebetse hantle empa e le ho batla ho bona Leaner le ho mofa monyetla sehlopheng sa naha.

“Bohle ba lokela ho tshoha. Ha ke hlalose hore o ntse a sa bapale hantle, ke mpa ke batla ho bona Leaner kantle le ka hara lebala,” ho realo Broos.

Ime Okon, Jayden Adams, Themba Zwane, Bongikuhle Hlongwane le Thapelo Maseko, ke ba bang ba dibapadi tse kgutletseng sehlopheng sa naha ka mora ho fetwa ke dipapadi tsa AFCON ka mabaka a fapaneng.

Broos, o hlalositse ha a thabetse ho kgutla ha Zwane ya tlisang boetapele, bohlale le tataiso dibapading tse nyane dilemong.

Ka lehlakoreng le leng, Maseko o kgutlela sehlopheng ka mora ho fetwa ke nako e lelele a sa bitswe mme lekgetlo la ho qetela a le sehlopheng sa naha ke ka Hlakola 2024.

Tabeng ya bahlabadintlha, Broos o dumetse hore Evidence Makgopa le Lyle Foster, haba boemong boo a ba batlang ho bona empa o tla tswelapele ho ba bitsa ha hose motho ya boemong ba bona hobane a tseba bokgoni ba bona.

Afrika Boroa e tla nkana le naha e boemong ba 33 lefatsheng ya Panama dipapading tse pedi tsa setswalle. Papadi ya pele, e tla bapala kala 27 Hlakubele le la 31. sehlopha setla kena kampong ya boikwetliso bekeng e tlang.

BALA HAPE: Broos o tla ntsha lenane letla tobana le Panama kajeno