Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o tla ntsha lenane letla tobana le Panama kajeno

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o tla tsibisa sehlopha setla bapala dipapadi tse pedi tsa setswalle kgahlano le Panama kajeno.

Broos, o tla dula fatshe le ho ntsha mabitso a dibapadi tseo a tla hlasela ka tsona dipapading tse bohlokwa tsa boitukisetso ba dipapadi tsa mohope wa lefatshe.

Broos o tla tobana le kgatello e matla ya ho kgetha dibapadi hotswa palo eo a e kgethileng pejana ya dibapadi tse 38.

Mahlo boholo a tlaba ho dibapadi tse jwalo ka dithibathibane moo Broos a tla lokela ho kgetha tharo ho hlano.

Tebello e nngwe e tlaba ho bona e bang Broos o bitsa Mbokazi ya seng a bapala America moo ba qetang ho qala sehla sa bona.

Dibapadi tse ding tsetla shejwa ke Iqraam Rayners ya neng a setse dipapading tsa AFCON, Thapelo Maseko ya qalang ho fumana morethetho.

Sebapadi se seng seo mahlo a tlaba ho sona ke Mohau Nkota ya ntseng a sa fumane monyetla wa ho bapala. Ho utlwahale ha sehlopha sa Nkota sele morerong wa ho morekisetsa sehlopha sa Portugal bakeng sa kgolo ya hae.

Le ha hose netefaletso, kgonahalo ke e kgolo ya hore dibapadi tseo Broos a tla dikgetla bakeng sa dipapadi tsena, e tlaba tseo a tla leba ka tsona mohopeng wa lefatshe dikgwedi tse tlang.

Phatlalatso ya Broos, e tla tswa ka 12:00 hara mpa ya motsheare mme e tla etswaka kotloloho diphaphusing tsa kgaso tsa SABC.

BALA HAPE: Motsepe o tshireletsa CAF ka mora qeto e makaditseng lefatshe