Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sibisi o tla fetwa ke papadi ya pele ya tse tharo

Sebapadi sa Orlando Pirates le Bafana Bafana Nkosinathi Sibisi, o tla fetwa ke papadi ya pele ya tse tharo tseo sehlopha sa naha setla dibapala.

Sena ka mora hore sebapadi sena seo e leng karolo ya sehlopha sa naha se kampong, se fumane kotsi e sa hlaloswang botebo.

BALA: Khumalo o hlalosa bohlokwa ba Zwane sehlopheng sa naha

Sibisi o fetowe ke boikwetliso ba sehlopha ba matsatsi a mabedi a fitileng mme tebello ke ho utlwa le ho tseba hore botebo ba kotsi ya hae bo keneletse ha kae.

Afrika Borwa e tla thulana le Guinea ka moqebelo lebaleng la Orlando Amstel Arena papading e tla thakgoha ka 15:00 ka nako ya Afrika Borwa.

BALA: Zwane o tshehetsa mohlabadintlha wa hae kgaung ya selemo