Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chiefs e qadile tlhodisano ya CAF ka leoto le sele

Sehlopha sa Kaizer Chiefs, se qadile tlhodisano ya CAF Confederation Cup ka leoto le sele ka mora ho lahlehelwa ka 2 – 1 kgahlano le Al Masry ya Egypt.

Chiefs e ne e etetse naheng ya Egypt e le papadi ya bona ya pele mme papadi e bapetseng sontaha thapama lebaleng la Suez.

Amakhosi, ba qadile papadi bale tlasa kgatello le ho etsa diphoso ka karolong ya bona.

Papadi e lebile kgefutsong hose nko hotswa lemile mme ka mora kgefutso dihlopha dine dikalana matla le ha Al Masry e ne e phahametse Chiefs.

Motsotsong wa 58 Al Masry e fumane le ho hlaba thaho ya mokoko ka mora hore sethibathibane sa Chiefs Brandon Petersen, a etse phoso ya ho diya wa direng ka nako ya tlhaselo.

Karolong ya bobedi, Chiefs e entse diphetoho tse pedi ho tswa Ashley Du Preez le Pule Mmodi le kenya Mfundo Vilakazi le Asanele Velebayi ka ho fapana.

Metsotso e meraro ka mora diphetoho, Vilakazi ke ha a bona Dilion Solomon ya hlabothisitseng ho kena ka hara sekgeqe le ho hlaba ntlha e lekanyang.

Al Masry, e kgutlile ka ntlha ya bobedi ya tlholo le ho sala lapeng ka ntlha tse tharo.Chiefs, ke sona fela sehlopha sa Afrika Boroa se neng se etile dipapading tsa CAF le ho hlolwa ke ho hapa.

Papadi e latelang ya Amakhosi, batla amohela sehlopha se seng sa Egypt Zamalek ka moqebelo wa la 29 Pudungwane.

Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Peter Mokaba mme yona e tla thakgoha ka hora ya boraro 15:00 motsheare.

BALA HAPE: Stellenbosch se hapa papadi metsotsong ya ho qetela