
Kerr o lepa a ka hapa sehla le Chiefs
Mokwetlisi wa mehleng wa Moroka Swallows le Black Leopards Dylan Kerr, o lepile ha a ka hapa sehla le sehlopha sa ha jwale sa Kaizer Chiefs.
Kerr ya kwetlisitseng dihlopha tse fetang hlano kwano Afrika Boroa, o buile sena ka nako eo a ntse a hlongwa dipotso ke le leng la masedinyana a ditaba tsa dipapadi.
“Ha nka leba ho Chiefs, nka sesa ka mawatle ho fapana le ho etsa bonnete ba hore ke fihla le lapeng la ha Kaizer Motaung ke mohlalosetse hore; e bang o batla ho hapa sehla (league), nka etsa seo,” ho realo Kerr.
Letswallwa lena la English, le hapile mohope wa Nedbank le sehlopha sa Tshakhuma Tsha Madzivhandila ka 2021.
Kerr o boetse a fihlisa sehlopha sa Marumo Gallants dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang mohopeng wa CAF Confederation lekgolo la pele sehlopha se bapale dipapading tsa kontinente.
Kerr o hlalositse ha a tseba boholo ba dibapadi tse bapalang Afrika Boroa hobane difitileng dihlopheng tseo a kwetlisitseng ho tsona.
“Ha o sheba dibapadi tse bapallang Chiefs, Orlando Pirates, Mamelodi Sundowns le Stellenbosch, ke dibapadi tse fitileng matsohong a ka.
“Ke dibapadi tse fitileng ho Leopards, TTM, Swallows le Gallants mme seo seka bebofatsa mosebetsi wa ka.”
Potsong ya hore a ka a hapa sehla le Chiefs, Kerr o arabile ka ho hloka qeaqeo le ho hopotsa molomo ditaba ka tlholo ya hae le Gallants.
“E, nka e hapa, hobane ke kgona ho etsa hore dibapadi dibapalle nna. Ha o hopola dipapading tsa mantshano ka nako ya Covid. Ke bile le dibapadi dibeke fela mme ra bapala le ho hapa. Seo ke bopaki ba bokgoni hore dibapadi dika bapalla nna.”
BALA HAPE: Mokwena o latswa ho hlolwa lekgetlo la pele
