Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o lakaletsa mokwetlisi ya motjha wa Bafana Bafana katleho

Mokwetlisi wa mehleng wa Bafana Bafana Hugo Broos, o lakaleditse mokwetlisi ya satswa thongwa wa sehlopha katleho.

Broos ya kwetlisang Bafana Bafana nako e lelele ka ho fitisisa nalaneng ya sehlopha, o lakaleditse Pitso Mosimane ya keneng dieteng tsa hae mahlohonolo.

“Re ya o lebohela mokwetlisi ya motjha wa Bafana Bafana. Ke lakaletsa mokwetlisi le SAFA mahlohonolo le katleho dikgweding tse mmalwa tse tlang,” ho realo Broos.

Pejana Broos o ile a hlalosa ha sehlopha setla kgutlela morao dilemong tse hlano moo baemedi ba dihlopha batla leka ho susumetsa diqeto tsa mokwetlisi empa kgetlong lena o utlwahala a fetotse maikutlo.

Mosimane o kena dieteng tse kgolo tsa Broos ya phamisitseng maemo a sehlopha sa naha kontinenteng le lefatsheng ka bophara.

Sehlopha se phahame ka dikgato tse fetang 20 boemong ba FIFA ka nako ya Broos mme Mosimane o tla tobana le mosebetsi wa ho tshwarella moo le ho feta.

Teko ya pele ya Mosimane e tlaba ho phunyeletsa mohopeng wa AFCON mme papadi ya hae ya pele e tlaba pele kgwedi e hodimo ya Lwetse e fela.

BALA: Pirates e tlabola Kruger United e mohatleng ka tse nne