
Jordaan o lekanya ha mokgatlo ona le mokwetlisi le ha a hana ka lebitso
Mopresidente wa SAFA Danny Jordaan, o lekantse ha mokgatlo o tsamaisang bolo naheng o fumane mokwetlisi.
Jordaan, o ne a araba dipotso tse amanang le katoloso ya nako ya Broos e ntseng e matha ho marangrang.
“Ha hona taba eo ya hore re atolositse nako ya Hugo Broos ka selemo. Ke manyala fela a lahlehisang setjhaba,” ho realo Jordaan.
Ha araba potso ya hore mokwetlisi o teng, Jordaan o dumetse hore mokwetlisi o teng empa a hana ho fana ka lebitso.
BALA: Siwelele se lebisa papadi ya pele lebaleng la Toyota
“Mokwetlisi o teng, empa retla shebana le tseo nako e tlang. Technical team e fana ka dikeletso le ditshisinyo mme National Executive Committee [NEC] e nka diqeto.”
Jordaan o kopile hore ma’Afrika Boroa a be le pelo le ho emela nako eo mokgatlo o tla etsa diphatlalatso ka yona.
Jordaan o buile tsena tsohle ka nako eo a neng a le ho kgakolweng ha buka ya bakwetlisi ya Pitso Mosimane.
