Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ouaddou o tshireletsa dibapadi kgahlano le batshehetsi

Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o tshireleditse dipapadi tsa hae ditlhaselong tse etswang ke batshehetsi ba sehlopha.

Mantswe a Ouaddou, a tlile ka mora hore sehlopha sa hae se buretse TS Galaxy ka dintlha tse 6 – 0 thapameng ya sontaha lebaleng la Mbombela.

Batshehetsi ba Pirates, ke ba bang ba batshehetsi ba nang le ho seholla dibapadi ka bohale ka nako eo sehlopha se sa sebetseng hantle mme Ouaddou o buile kgahlano le seo.

“Ke nahana hore batho ba bang ba lokela ho utlwisisa hore dibapadi le tsona ke batho ba mathang le ho fufulellwa ho hlaba dintlha tseo re dihlabileng,” ho realo Ouaddou.

Ouaddou o hlalositse ha batshehetsi bao e seng ba nnete, ke bona basa utlwisising maemo a papadi le ho etsa dibapadi lerata.

“Ka bomadimabe ho Pirates hao hlolwa ke ho hlaba dintlha kapa o bapala maleka, batho ba qala ho etsetsa dibapadi lerata (boo the boys).

“Empa bao ke batshehetsi bao e seng ba nnete. Batshehetsi ha nnete ba tshehetsa sehlopha mme sehlopha se arabela ho seo.”

“Tshebetso e ntle ka dibapadi. Kajeno [Monday] re rometse molaetsa o matla wa hore hareso qete. Retla lwana ho fihla motsotsong wa ho qetela.”

Pirates e tlaya kgefutsong ya FIFA e dutse ka hodimo tafoleng ya dihlopha ka ketapele ya dintlha tse 51 ka mora dipapadi tse 22.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Chiefs o arohana le sehlopha nakwana