
Mokwetlisi wa Mali o seholla CAF ka ho fetola dinako tsa AFCON
Mokwetlisi wa naha ya Mali Tom Saintfiet, o bontshitse ho se kgotsofalle ka qeto e nkuweng ke CAF ya ho fetola dinako tsa ho bapala ha tlhodisano e kgolo kontinenteng ya Afrika.
CAF e tsibisitse ha AFCON, e tla fetola dinako tsa ho bapala ho tloha dilemong tse pedi ho itsa dilemong tse nne ho tloha ka 2028.
Qeto ena, e tsibisitswe pele dipapadi tse ntseng ditswelapele hana jwale dithakgoha mme e tlisitse maikutlo a fapaneng kontinenteng.
Saintfiet, o re qeto ena e nkuwe ho ipapisitswe le ditabatabelo tsa UEFA, dihlopha tsa Europe le FIFA.
“Ke makatse le swaba haholo. Ke ditaelo tsa baka hodimo ho UEFA le dihlopha tse kgolo lefatsheng le FIFA mme e nkutlisa bohloko, ho realo Saintfiet.”
“Re lwana ka thata ho fumana hlompho rele Afrika bakeng sa batho ba Afrika le nalane ya rona empa ho mamela Europe ho fetola nalane ya dilemo tse 68 bakeng sa mabaka a tjhelete. Ke nahana ke ho tella Afrika ho bapadisa AFCON dilemo tse nne.”
Pele tlhodisano e qala, ho bile le kgulakgulano moo dihlopha sa Europe dineng dihana ho lokola dibapadi mme le FIFA e ile ya fetola matsatsi a ho lokollwa ha dibapadi bakeng sa boitukisetso ho tloha ho 14 ho ya ho 5 bakeng sa dibapadi tse bapalang mose ho mawatle.
Saintfiet o hlalositse Afrika e le kontinente e kgolong ntleng ya papadi ya bolo mme a tshepa ha diphetoho tse teng dike ke tsa fetola lerato le teng.
“Afrika ke yona e kgolo ka ho fitisisa ka lerato la papadi, dibapadi tse boitelo le ho ba le bokgoni lefatsheng.”
“Ke bohloko ka sena empa ke ke tshepa lerato la Afrika le tla hlola kgatello ena ya Europe.”
BALA HAPE: Broos o re ba malala-a-laotswe bakeng sa teko e matla
