Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns e phonyoha Al Ahly le Pyramids mokgahlelong wa pele

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns seo e leng sona fela kemedi ya dihlopha tsa Afrika Boroa le dihlopha tsa Afrika e ka boroa, se phonyohile dihlopha tse pedi tsa Egypt mokgahlelong o qalang wa mantshano ho CAF Champions League.

Sundowns, etla thulana le Stade Malien ya naheng ya Mali mokgahlelong o qala wa mantshano (quarter-finals) e le dipapadi tsa maoto a mabedi.

E bang Sundowns e ka atleha ho hlola Malien, e ka thulana le Esperance di Tunis e eo ba kopaneng le yona ho ‘quarter-finals sehleng se fitileng le ho bahlola, kapa baka thulana le Al Ahly fela jwalo ka sehleng se fitileng.

Sehleng se fitileng Sundowns e thulane le Al Ahly dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang moo ba bapetseng maleka makgetlo a mabedi empa Sundowns ya fetela ho makgaolakgang ka palohare ya dintlha.

Papading ya makgaolakgang ke moo ba kopaneng le Pyramids mme Pyramids ya bahlola leotong la bobedi ka 2 – 1 le ho hapa mohope.

Kgonahalo ke e kgolo sehleng sena hore dipapadi dika tshwana le selemo se fitileng e bang Sundowns e ka hapa dipapadi tsa yona kaofela.

BALA HAPE: Cardoso o hana ho araba e nngwe ya dipotso