Ditaba tsa moraoraoKrikete

Miller o ntse a na le tabatabelo ya ho emela sehlopha sa naha

Sebapadi sa naha sa Di’Proteas David Miller, o bontshitse tabatabelo ya hae ya ho tswelapele le sehlopha sa naha.

Miller ha fumana monyetla wa ho tekena le sehlopha [Di’Proteas] bakeng sa sehla se qalang sa dipapadi tsa matjhabatjhaba.

Le ha hole jwalo, mokaubere ona o otlang [batter] o hlalositse ha ho bapalla sehlopha sa naha e leng ntho e ntseng e dutse pelong ya hae.

“Ntho e kgolo ho nna ke ho emela naha ya Afrika Borwa,” ho realo Miller.

“Le ha ke bapetse mabatoweng a fapaneng, kgale ke batla ho bapalla Afrika Borwa. Ke rata ho baballa Afrika Borwa, ha hona letho le fetohileng.”

Miller ke se seng sa dibapadi tse sa fumanang monyetla wa ho tekena le sehlopha sa naha jwalo ka ha papading ena dibapadi dilokela ho tekena bakeng sa ho bapalla sehlopha sa naha.

Di’Proteas di qala letoto la ODI kgahlano le naha ya Australia ka la 24 Lwetse pele ho letoto la diteko kgweding e tlang.

BALA: Wolvaardt le sehlopha ba phethela letoto la T20 ka noto e hodimo