Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Lesotho o babatsa mokwetlisi wa Afrika Boroa

Mokwetlisi wa naha ya Lesotho Leslie Notsi, o babaditse mokwetlisi wa Afrika Boroa ka mora papadi eo Bafana Bafana ba e hlotseng ka ntlha tse tharo ho noto (3 – 0).

Notsi, o hlalositse ha Hugo Broos a fetotse sebopeho le tsela eo Afrika Boroa e bapalang ka yona.

“Bana le sehlopha se matla le mokwetlisi ya hlwahlwa ya fetotseng dintho. Ke nahana pele a fihla, ho ne ho na le dintho tse ngata tse sa tsamayeng hantle empa morao tjena hona le botle bo etsahalang.”

Notsi o qolotse tse ding tsa diphihlello tse fihleletsweng ke sehlopha tataisong ya Broos le ho hlalosa ha Broos a ahile sehlopha ka dibapadi tse matla.

“Sehlopha se atlehehile ho lo bapala AFCON mme wa bona hore o se ahile ka dibapadi tse bapalqng dihlopheng tse kgolo Afrika Boroa. Tse ding tsa tsona di bapala ho CAF Champions League.”

Broos o se a hlotse Notsi makgetlo a mabedi ka palo-hare ya ntlha tse hlano (aggregate 5 – 0) hobane leoto la pele Afrika Boroa e hlotse Lesotho ka ntlha tse pedi ho noto (2 – 0).

Notsi o tswelapele ho hlalosa ha papadi kgahlano le dihlopha tse jwalo ka Afrika Boroa le Morroco e le teko e matla bakeng sa sehlopha sa bona se fokolang ho latela maemo a bona a papadi ya bolo ka hare ho naha.

“Ho bapala le Morocco, Afrika Boroa le tse ding, hore ruta ntho tse ngata jwalo ka ha o tseba hore papadi ya rona e batla e le tlase.”

Lesotho le tla nkana le naha ya Benin ka labobedi papading ya borobedi ka hora ya borobong bosiu ha Afrika Boroa e tla nkana le naha ya Nigeria hona ka labobedi ka hora ya 18:00.

BALA HAPE: afrika-boroa-e-buretsa-lesotho-dipapading-tsa-ho-phunyeletsa/