Bolo ya maoto

Elias Mokwana o leba Saudi ka kadimo

Sebapadi Elias Mokwana o dumellane le sehlopha sa Al-Hazem e bapallang ho Saudi Pro ka kadimo ya selemo.

Mokwana o leba Saudi a tswa sehlopheng sa Esperance de ya Tunisia moo a bapatseng selemo le ho hapa mehope.

Sebapadi sena sa mehleng sa Sekhukhune United, ha e sale sele ditabeng ho tloha sehla se fitileng se fela hore e ka o tla tsamaya Tunisia.

Mokwana e bile karolo ya Esperance ha e ne e bapala mohopeng wa lefatshe wa dihlopha (Club World Cup).

Sebapadi sena se hlaselang o hlabile ditlha tse supileng le ho thusetsa ho tse nne dipapading tse 38 tseo s di bapetseng.

Ho tsamaya ha Mokwana ha ho makatse hobane sebapadi sena se bile ditabeng ka ho se be karolo ya sehlopha ha se ikwetlisa le ho bapala papadi ya mohope.

Mokwana o ile a fumana tetla ya ho ikwetlisa le sehlopha le ha menyenyetsi ya ho tsamaya ha hae e ne e le matla.

Mokwana o leba ho Al-Hazem tjena e le hore o ne a batlwa ke dihlopha tse ding tse kang FC Pari Nizhniy Novgorod le Dinamo Makhachkala tsa Russia.

Tebello ke hore Mokwana otla leba Saudi ho lo etsa diteko (medical test) le se direng tse mmalwa ho tloha ha jwale.

Mokwana ke sebapadi sa bobedi sa Afrika Boroa se lebang Saudi ka mora hore lekejakejane la mehleng la Orlando Pirates, Mohau Nkota a lebe ho Al-Ettifaq.

BALA HAPE: elias-mokwana-ha-a-tsebe-bokamoso-ba-hae