
CAF e arabetse tletlebong ya Broos le ho hlalosa mabaka
Mokgatlo o tsamaisang bolo kontinenteng ya Afrika wa CAF, o tlotse matjato a masesane ho arabela tletlebong e entsweng ke mokwetlisi wa Afrika Boroa Hugo Broos.
Broos o ilile ka ditlhophiso tse etseditsweng sehlopha sa hae moo ba nkang nako e lelele hoya boikwetlisong le ho ikwetlisetsa moo naha ya Morroco e dulang teng.
Karabelong ya bona, CAF e hlalositse ha e entse ditlhophiso dikgwedi pele ho dipapadi mme bafa dihlopha monyetla wa ho tshwaela kapa ho latola tse ding tsa dintho tseo ba sa dithabeleng.
Ka lengolo ho SABC Sport, hlooho ya thelevishene le dipuisano (television and communications) Luxolo September, o hlalositse ha Afrika Boroa e fumane monyetla wa ho arabela pele ho qeto ya moswelella.
“Nka nnetefatsa hore dintlha tsa kampo ya sehlopha, ditsibisitswe dikgwedi tse hlano tse fitileng mme boikarabelo e bile ba ‘team manager’ ho hlwela le ho fana ka tlaleho,” ho realo September.
“Nakong ya beke kapa tse pedi, ditlhophiso tsa dipapadi tsa tse 16 tsa ho qetela, diabetswe dihlopha bakeng sa ho lekolwa. Le ha jwale kesa emetse karabelo hotswa ho Afrika Boroa.”
Karabelo ya September ntlheng ena, e hlalosa ha Afrika Boroa, le motho ya tshepetsweng boikarebello ba ditlhophiso, e le yena a fositse dintho le ho se fane ka dintlha e bang ba dumela kapa ba latola ditlhophiso.
Afrika Boroa, e tla kena papading e matla kgahlano le Cameroon bosiu ba kajeno [04 Pherekgong] ka 21:00. Papading ena e tla bapalla lebaleng la Agdal Medina, Rabat.
BALA HAPE: Broos ha thabela ditlhophiso tsa CAF bakeng sa sehlopha sa hae
