
Orbit College e latola kopo ya Mamelodi Sundowns
Sehlopha sa Orbit College, se latotse kopo e tlileng ho bona hotswa sehlopheng sa Mamelodi Sundowns ya ho fetola matsatsi a papadi ya bona.
Sundowns e lokela ho bapala le Orbit beke etlang ka labobedi e le papadi ya Betway Premiership mme sehlopha sene se entse kopo ya hore papadi eo e bapale mafelo a beke.
“Re lekile ho potlakisa papadi ya Orbit e ka labobedi hobane re bapala le Malien ka labohlano,” ho realo Cardoso.
“Re kopile Orbit ho bapala papadi ya rona ka moqebelo o tlang kapa sontaha, empa sehlopha se hanne. Ha ba batle ho thusa sehlopha se emetseng Afrika Boroa dipapading tsa kontinente.”
Cardoso o hlalositse ha ho hlokahala hore hobe le tshebedisano mmoho dipakeng tsa tsa dihlopha tse
Ke hopola ha kene kele Tunisia. Ka nako eo ho bapalang dipapadi tsa Champions League, hone ho sena dipapadi tse bapalang tsa sehla.”
“Rona dipakeng tsa dipapadi kgahlano le Malien, retlo bapala dipapadi tse ding tsa PSL.
“Ke papadi ya bolo mme re lokela ho hlompha le ho leka ho etsa tsohle tse matleng mme ke dumela ha dibapadi ditla fana ka dikarabo tsa diphepetso tseo batla kopana le tsona.”
Sundowns e tla thulana le Golden Arrows ka laboraro mme mafelo a beke ba dule fela le ho emela labobedi ho bapala le Orbit pele ba bapala le Stade Malien.
BALA HAPE:
