Ditaba tsa moraoraoKrikete

Di’Proteas dikgwathisa naha ya Sri Lanka

Sehlopha sa basadi papading ya krikete, se ntse se tswelapele ka ho kgwatisa dihlopha mohopeng wa lefatshe.

Di’Proteas, dihapile papadi ya bona kgahlano le Sri Lanka ka wicket tse leshome (10 wickets win).

Papadi ena, e qadile ka mora nako ka lebaka la pula e neng e tsholoha lebaleng la Premadasa, Colombo.

Ka lebaka la pula, papadi e ile ya kgutsufatswa (DLS method) le ho behwa ho 20 overs sehlopha ka seng.

Tlholo ena, e ne e le ya Afrika Boroa ya bone ka tatellano dipapading tse hlano tseo ba seng ba dibapetse ha jwale.

Makenong a yona, Sri Lanka e entse mematho e 105 ho tswile dibapadi tse supileng ka overa tse 20.

Nonkululeko ‘Lefty’ Mlaba o ketotse dibapadi tse tharo, Masabata Klaas a ketola tse pedi mme Chloe Tyron a ketola sebapadi sele seng.

Tekong ya bona ya ho lelekisa papadi, Afrika Boroa e entse seo ka bokgabane ka mora hore Laura Wolvaardt (60*) le Tazmin Brits (55*) ba etseditse Sri Lanka mpipetsi.

Hona papading eo, Wolvaardt e bile yena sebapadi se ipabotseng ka makgabane ka mora ho etsa (60*) le ho thusa di’Proteas ho hapa papadi.

Afrika Boroa e entse mematho e 125 hose sebapadi se tswileng mme ba ikgapela papadi le ho dula boemong ba bobedi ka ntla tse robedi (8 points).

Papadi ena, e ne e bile e le ya bone moo Afrika Boroa e lelekisang mme ba dihapile ka bone ba tsona.

Papadi e latelang ya Afrika Boroa e tlaba kgahlano le naha ya Pakistan ka la 21 Mphalane mme e tla thakgoha ka 11:30 ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA HAPE: Afrika Boroa e phonyoha ka soba la nale