
Letsatsi la papadi ya Sundowns le TS Galaxy le baka ditaba
Papadi ya ho qetela ya Mamelodi Sundowns, e tswelapele hoba melomong ya batho jwalo ka ha ho setse dihora fela.
Sundowns e tla bapala papadi ya bona ya ho qetela ya sehla ka labobedi [12 Motsheanong] le ha dihlopha tse ding disetse ka dipapadi tse pedi.
Le ha dipotso dile ngata, le leng la mabaka a susumetsang qeto ena ho dumelwae le ho bapala makgaolakgang a CAF ka nako eo sehla fihleng pheletsong.
Le ha hole jwalo, qeto ena e bakile ditaba jwalo ka ha ka tlwaelo dipapadi tsa ho qetela tsa sehla dibapala ka nako e le nngwe ho balehele dihlopha tse ding ho nka monyetla.
BALA: CAF e latola kopo ya Sundowns le ASFAR ka moletsaphala
Sundowns e ntweng ya ho hlola sehla le Orlando Pirates mme ka letsatsi leo Sundowns e tla bapala leoto la bobedi la CAF, Pirates le dihlopha tse ding ho Betway, ditla bapala dipapadi tsa bona tsa ho qetela tsa sehla.
Ho bapala pele ha Sundowns hotla fa Pirates monyetla wa ho tseba hore ba lokela ho sebeletsa kae, jwang hore ba hlole sehla.
Sehlopha se tlasa kgatello ya ho hapa papadi kgahlano le TS Galaxy ka palo e hodimo ya dintlha jwalo ka ha ho bonahala dintlha tse bokeleditsweng (points) dika fela dilekana dipakeng tsa dihlopha ka bobedi [Sundowns le Pirates].
BALA: Black Leopards e leba lekgotleng ka mora ho rengwa ke selepe
