
Morris o hlabela Chiefs ntlha ka papadi ya hae ya pele
Sebapadi se fetoweng ke dipapadi tse sehlotshwana sa Kaizer Chiefs Tashreeq Morris, o kgutsisitse lerata la bokgoni ba hae ka mora ho hlaba ntlha ka papadi ya hae ya pele sehlopheng.
Morris, o hlabetse Chiefs ntlha ya pele ha sehlopha sene se hlola Sekhukhune ka 2 – 0 ho inkela maemo a boraro ho Betway Premiership.
Morris o lebile ho Chiefs ka sehla 2024/2025 moo a bapetseng dipapadi tse hlano fela sehleng seo pele a dula ka ntle ka lebaka la dikotsi.
BALA HAPE: Sundowns le Siwelele di-etsa moketehadi wa dintlha
Nthla ya Morris e thusistse Chiefs ho phunyeletsa dipapading tsa kontinente sehleng setlang moo batla bapala ho CAF Confederations le sehlopha sa Durban City se hapileng mohope wa Nedbank Cup.
Mfundo Vilakazi o hlabile ntlha ya bobedi ya sehlopha mme Makabi Lelipo ya bileng le seabo se seholo dintlheng tseo ka bobedi, e bile yena sebapadi sa letsatsi.
Tebello ke ho bona hore sehlopha setla sebedisa Morris dipapading tse pedi tse setseng le hore batla mofa monyetla sehleng setlang le ha e le hore ha fumana monyetle wa ho bapala sehleng sena.
Sehlopha setla bapala papadi ya bona e latelang moqebelo wa la 16 Motsheano kgahlano le AmaZulu pele ba amohela Chippa United bakeng sa papadi ya ho qetela.
BALA HAPE: Chiefs e tla bapala CAF sehleng setlang ka mora ho hlola Sekhukhune
